MATSHWAO: 70 NAKO: Dihora tse 2
Pampiri ena e na le maqephe a 11.
DITAELO HO MOHLAHLOBUWA
Araba dipotso tsohle.
Qala karolo e nngwe le e nngwe LEQEPHENG LE LETJHA, mme o sehe mola qetellong ya karolo e nngwe le e nngwe.
Tlola mola dipakeng tsa dikarabo tsa hao.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
KAROLO YA A: TEKOKUTLWISISO POTSO YA 1
Potsong ena o nehilwe mefuta e mmedi ya ditema. Bala e nngwe le e nngwe ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse hlahang tlasa tema ka nngwe.
TEMA YA 1
Bala tema ena e latelang ka hloko, ebe o araba dipotso tse hlahang tlasa yona ka ho sebedisa mantswe a hao. Araba ka lentswe le le leng feela moo ho hlokehang, ntle le haeba potso e hloka tlhaloso kapa karabo e teletsana.
Setjhaba ka seng se na le meetlo ya sona e se kgethollang ho ditjhaba tse ding. Meetlo ke boleng ba setjhaba, ke boitlhompho ba sona. Ka lebaka lena, meetlo e fumanwa mafapheng ohle a bophelo: tswalo, kgolo, thuto, lenyalo, dijo, diaparo, boitshwaro le qetello ya bophelo - lefu.
Ho ya ka moetlo, ha ngwana a hlahile ntatae o tsebiswa ka mekgwa e mmedi, ho ya ka ho re na ngwana ya hlahileng ke wa ngwanana kapa wa moshanyana. Ha e le moshanyana, o tsebiswa ka ho shapuwa ke e mong wa banna ba motse. Ha e le mosetsana, ntatae o behelwa taba eo ka ho tshelwa ka metsi ke e mong wa basadi ba behileng mosadi setswetse. Ka mora moo, ntatangwana o hlaba phoofolo eo a ananelang ngwana ka yona. Ka moso ngwana o rewa lebitso le kgethwang ka tlhokomelo e kgolo, hobane Basotho ba dumela hore bitsolebe ke seromo. Motswadi ha a rehella ngwanahae, eba o hlompha eo a rehellang ngwanahae ka yena. Ha ngwana a le kgweding ya bobedi o a kuruetswa, ke ho re a behellwe pula a hlobodisitswe, a lomolwe ka lelomolo la habo.
Kgolo ya ngwana ke taba ya bohlokwa, mme lesea le sireletswa ka mekgwa e mengata. Motswetseng ho hlongwa lehlaka hore batho ba se ke ba kena, esere ba hata ngwana kapa ba ntsha motswetse kotsi. Ka nako ena mmangwana o hahlamelwa ke mahloko ha bonolo, hobane ho thwe o a tjhesa. Ba habo motswetse, ba tlamehang ho kena lehlakeng, ba lokela ho tlabola maoto pele ba ka kena. Hona ho etswa ho bolaya mehlala e mebe, eo e ka nnang yaba ba e tlotse. Basadi ba motse ba thusang motswetse ka ho mo kgella metsi, le ka ho mo silela lesheleshele, ba hlabelwa nku, ho ratholwe, ba tlo ja, ba thabe. Dijo tsena di bitswa pitiki.
Mohla ngwana a fuwang nama, batswadi ba hae ba a mo hlabela, ebe ba kgetha monna kapa mosadi ya kgothetseng, ya itlhomphang, hore a tlo jesa ngwana. Eo o tla hlafuna leqa, ebe o le neha ngwana. Ka ketso ena, batswadi ba lesea ba kgolwa hore ngwana wa bona o tla futsa motho eo wa bohlokwa. Ngwana ha a se a hodile, ke wa batho bohle, mme motswadi e mong le e mong a ka mo roma kapa a mo kgalemela ka thupa.
Ha bana ba fihlile dilemong tse lokelang, ba ya mophatong, moo ba ile ho rupellwa bophelo ba ka moso. Lebollo le tadingwa le le bohlokwa ka ho fetisisa, le ne le bopa botho bo phethehileng. Moetlo ona ke sephiri se seholo, se tsejwang ke ba fetileng teng feela. Basetsana ba bolotswa hara motse, athe bashemane ba bollela naheng. Ha ba ne ba tswa lebollong, ba ne ba e tla ba lahlile dintho tsohle tsa bosawana, tse hlokang boikarabelo. Ba ne ba kgutla e le banna, e le basadi ruri.
Batjha ha ba se ba fetile lebollong, ba ne ba lokelwa ke lenyalo. Mehleng ya pele batswadi ba ne ba kgethela bana ba bona balekane. Bana bao le bona ba ne ba kgotsofalla kgetho ya batswadi ba bona, hobane ba ne ba dumela, mme ba utlwisisa hore batswadi ba tseba ditaba ho ba feta, le ho re ha ho motswadi ya ka kgethelang ngwana hae molekane ya sa mo kgotsofatseng.
Le ha ho le jwalo, ho ne ho ntse ho etsahala hore ka nako e nngwe morwetsana a se ke a kgahlwa ke mohlankana eo babo ba ratang ha a mo nyala. Ha taba di le jwalo, morwetsana o ne a tlangwa ho ya bohading boo, boo a sa bo rateng. Ha babo mohlankana le babo morwetsana ba dumellane, ho ne ho ntshwa dikgomo tsa bohadi. E ne e le moetlo o tiileng, hlooho ya motho e phethelwe ha ho thetheswa bohadi, ebe hona ho ka hlabiswang. Hlooho eo e ne eba e phethilwe ha ho tswile kgomo tse leshome. Lenyalo la Sesotho le phethahala feela ha ho tswile dikgomo tsa bohadi.
Bohadi ke motheo wa lelapa la Mosotho, mme ha bo sa ntshuwa, lenyalo ha le yo. Ke moo re yeng re utlwe dipuo tse kang 'ke mosadi ha a nyalwa', ho bolelwa ntho eo e seng ya nnete, di supa bohlokwa ba moetlo ona setjhabeng. Ha bohadi bo kgaohile, ho ne ho ye ho lokisetswe hore morwetsana a iswe bohadi. Ha ba habo mohlankana ba sa kgotsofatswa ke motho ya tswa nyalwa, ka mabaka a itseng, bohadi bo ne bo hlahlwa, mosetsana a busetswe ha habo, le dikgomo di busetswe ha habo mohlankana. Ketso ena e ne e le tlontlollo e kgolo.
Ke tshwanelo ya rona ho rata le ho boulella meetlo ya rona, hobane ke lefa le tswang botebong ba bohlale ba baholoholo ba rona le re kgethollang, le re etsang setjhaba hara ditjhaba tse ding.
DIPOTSO:
Tema ena e itshetlehile hodima taba e itseng. Nehelana ka sehlooho sa ditaba tsa tema ena ho ya ka kutlwisiso ya hao. 
Ntle le basadi ba behileng mosadi setswetse, ke batho bafe ba bang ba yeng ba dumellwe ho kena ka motswetseng ho sa hlonngwe lehlaka? 
Hobaneng ha motswadi e mong le e mong a na le tokelo ya ho roma kapa kgalemela ngwana eo e seng wa hae? 
Ho ya ka kutlwisiso ya hao ya ditaba tsee, o ka re molemo wa meetlo setjhabeng ke ofe? 
Tema ena e ka hodimo e akareditse ka tatellano mehato e MENE ya bophelo ba motho. Bolela mehato eo ka ho latellana ha yona. 
Ho ya ka kutlwisiso ya hao hobaneng ha Basotho ba sa ananele lenyalo leo ho sa ntshuweng bohadi ho lona? 
Ho fa ngwana nama 
Ho hata ngwana 
Ke eng seo mongodi wa tema ee a se bolelang ka mantswe aa: 'bitsolebe ke seromo'? Hlalosa ka puo e bonolo. 
Batjha ba mehleng eo ya kgale ba ne ba amohela jwang tlwaelo ya ho kgethelwa molekane ke batswadi? 
Ho ya ka kutlwisiso ya hao ya tema ena, hlalosa kamano e teng dipakeng tsa lebollo le lenyalo. 
TEMA YA 2
Boha tema ena e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tse e latelang.
FETISA karete makgetlo a mangata, MOPUTSO o be moholo.
Meputso ke e fetang R600 000 e ka hatjwang, ho kenyelletswa R20 000 kontane,Maeto a mafelo a beke, dikhemera tsa dijithale, di-'Ipod' le tse ding.
Ka nako tsohle ha o fetisa karete ya hao ya kerediti ya Standard Bank pakeng tsa1 Loetse le 30 Pudungwana 2007, o tla kenyelletswa tlhodisanong.Fetisa karete ya hao ya kerediti makgetlo a mangata, moputso o be moholo.
IKGAPELE
Fetisa karete ya hao ya kerediti motjhineng makgetlo a 25 kapa ho feta hore o be le seabo.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa makasineng wa Drum, wa la 13 Loetse 2007
DIPOTSO:
Papatso ee e reretswe bomang, mme hobaneng ha o realo? 
Babadi ba ka fumana tlhahisoleseding kae ha ba lakatsa ho tseba
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla haholwanyane ka tlhodisano ee? 
Mantswe ana 'fetisa karete ya hao ya kerediti makgetlo a mangata,' a hlahella kgafetsa papatsong. Lebaka la ho etsa see ke lefe? 
Bolela hore na polelo e latelang ke nnete kapa mafosisa, o be o tshehetse karabo ya hao ka lebaka le utlwahalang.
Hlalosa hore na polelo e latelang ke mohopolo kapa ke ntlha, mme hobaneng o realo.
Fetisa karete ya hao ya kerediti makgetlo a mangata, moputso o be moholo.' [10]
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 30
KAROLO YA B: KGUTSUFATSO
POTSO YA 2
Bala ditaba tsa tema e latelang, ebe o di kgutsufatsa ka mantswe a hao a ka bang 80 ho isa ho a 90, ka tsela ya seratswana e hlahisang dintlha tse supileng. Bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng qetellong ya kgutsufatso ya hao.
Ka ha taba tsa bophelo ha di ke di be monate ka nako tsohle, ha fihla nako eo ho ileng ha etsahala ntho e ileng ya ferekanya Dikeledi haholo. Ngwana a ferekana moo a reng jwale bophelo bo se bo theohela ha monate, ka baka la ketso ena e soto e ileng ya mo etsahalla. Empa pele re kena ho tseo, re tla hlalosa tse ding tse ileng tsa etsahala ka yona nako ena e tshositseng Dikeledi. Hoja ho sa ka ha etsahala tseo, mohlomong tsena tseo re neng re re re tla qala ka tsona e ka be di ile tsa hla tsa ba mpe haholo.
Sekolong kwana Dikeledi e ne e le ngwana ya hlwahlwa haholo, ya kgothaletseng dithuto tsa hae. Jwale he, jwalo ka ngwana e mong le e mong, bophelo e ne e se ba buka feela. Ha sekolo se etswa, o ne a tsamaya le metswalle ya hae ho leba lapeng. E tla re ha ho ntse ho tsamauwa jwalo, ho nne ho etsahale hore thaka tsa hae di kopane le bashemane, ba bonye, mohlankana a ikgethele kgarebe, le kgarebe e dumele taba tsa hae, kapa e di latole.
Ho ile ha etsahala hore moshemane e mong ya kenang sekolo le Dikeledi a di behe fatshe ho Dikeledi taba tsa hae, empa ka baka la ho tshaba bashemane, o ile a le tipatipa ho ya lapeng, a ba a bolella rakgadiae. Rakgadiae o ile a mo halefela haholo ka ho re a se bonye le bashemane. Moshemane a nna a ipeha ka mora Dikeledi, a sa nyahame, a sa tele. Banana ba bang ba ne ba dula ba mo jele ditsheho, hobane bona ba ne ba se ba tshwasitse tlhapi tsa bona mme ba ntse ba leka hore Dikeledi a dumele moshemane enwa. Ka bomadimabe o ile a qetella a ile le kgongwana hodimo, mme a kgahlwa ke none e hlotsa ka ho dumela mohlankana enwa.
Dikeledi o ile a ratana le semomotela sena sa mohlankana. O ne a sa tsebe hore moshemane enwa ke thatohatsi bananeng. Ka nako tsohle o ne o mo fumana hara thwetsana. O ne a ena le kgarebe tse ngata motseng moo. Ka tsatsi le leng o ile a qobella Dikeledi ho sala le yena ka phaposing ya borutelo. Ke moo a ileng a qobella Dikeledi ho mo suna mme a qetella a mmetile. Ka bomadimabe Dikeledi o ile a ya tliliniking ho ya etsa diteko tsa tshwaetso mmoho le tsa ho ima. Ho fumanehile hore Dikeledi o ile a fumana tshwaetso ena ya mafu a bakwang ke Kokwanahloko e Hlaselang Masole a mmele mothong kapa yona HIV ho ya ka moo batho ba bangata ba e tsebang ka teng.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa bukeng ya Mme, 1995, NP Maake
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 10
KAROLO YA C: THUTAPUO LE TSHEBEDISO YA PUO POTSO YA 3
Bala tema ena o be o arabe dipotso tse e latelang.
Hoba Mmanthintshane a tsamaye sebaka se selelele tlasa moriti wa mosi oo, yaba o boela hape a hlahella kganyeng ya letsatsi. Batho bohle ba Ntsukobokobo, ba ne ba nahana hore ke bosiu ho ya ka moo ho neng ho le lefifi ka teng. E ne e se lefitshwana, ho hlile ho le ho tsho ho re tsho! Ha a fihla tlhorong ya thaba, Mmanthintshane o ile a makalla ho fumana hore letsatsi le sa tjhabile. O ile a boha botle ba leru le neng le entswe ke mosi o neng o okametse motse wa Thabananthere.
O ile a tshoswa ke botsho ba mosi oo, le hoja o ne o e entse leru le letle hakaalo. 'Kgidi, mohlolo ruri. Ha eka letsatsi le tjhabile tjee? Ruri motse wa rona o tlilo welwa ke koduwa e tshabehang. Ke lokela ho potlakela dinako ke ilo lata ngwana wa ka jwale. Ke a kgolwa Kgosokgoso o se a qetile mosebetsi.'
Ka nako ena Kgosokgoso o ne a kwebetelletse Mosa fatshe mme a batla nnete. O ne a halefa motsotso le motsotso ha a bona Mosa a ntse a fellwa ke matla. Mosa o ne a hototse mahlo, a a tsweretse sa tweba e jele tjhefu. Le hoja badisana ba bang ba ne ba tshaba ho ya bona se etsahalang, empa e itse hang ha ba utlwa sello sa Mosa se re nyele! yaba ba hlaha matswapong a mafika ho bona se etsahalang. Mosa o ne a sa sisinyehe le ho sisinyeha moo a neng a tjapalletse teng. Ka nako yona eo Mmanthintshane a hlaha letswapong le leng moo a neng a nahana hore o tla bona ha ho bolawa Petswamajweng. A fumana Mosa a tjapalletse fatshe. Mosa o ne a sa shwa hoba o ne a sa phefumoloha.
Basadi! Mehlolo ke eo Bataung. Jo! Ngwanaka a shwa!'
Ha eka ke Mosa eo ya tjapalletseng fatshe?' A botsa ka ho makala. 'Ka tla ka ikenya mathateng, basadi.'
Na Mosa o tla phela?' Ho botsa Petswamajweng ka mosa. Mmanthintshane a araba Petswamajweng ka ho re: 'E, Mosa o tla phela.' A tswela pele ho botsa hore na ho etsahetse eng hore a be jwalo.
Petswamajweng, potlaka kapele o ile ho bitsa ngaka Ngwepepe,' ho realo Mmanthintshane. Ruri ngwanaka o se a holofalletse ruri. Ya tla nqaka ena taba.'
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa bukeng ya NJ Nhlapo, Petswamajweng, Konyana ya mahlabelo
DIPOTSO:
Lentswe le ntshofaditsweng polelong ena, 'Hoba Mmanthintshane a tsamaye sebaka se selelele ...' ke lekgethi.
Ngola makgethi a kentsweng ka masakaneng sebopehong se nepahetseng dipolelong tse latelang ho phethahatsa moelelo wa tsona. Ngola karabo feela.
Mmanthintshane o tsamaile tsela (-lelele) haholo ho ya metebong. 
Mmanthintshane o ile a makalla lefifi (-tsho) hakaalo ha a fihla moo. 
Lentswe 'botle' polelong ena, 'O ile a boha botle ba leru ...' ke lebitso (le bopilweng ka motso wa lekgethi '-tle').
Bala dipolelo tse latelang mme e be o ngola mantswe a ka masakaneng sebopehong se nepahetseng. O ka ngola nomoro le karabo feela.
Mosadi eo a fihlelwa ke (-tshaba) ya hore Mosa o shwele. 
Hoo e ne e se e le (-holofala) ya Mosa hobane a ke ke a hlola a kgona ho sebedisa letsoho leo hape. 
Lentswe 'Jo!' ke lelahlelwa polelong ena, 'Jo! ngwanaka a shwa!'. malahlelwa a lokelang dipolelong tsena tse latelang. Kenya
Ithuse ka malahlelwa ana:
aha!; kgele!; be!; itjhu!
... e mobe eo motho,a batla a mpolaela ngwana ka sehloho! 
Sebopeho sa leetsi polelong ena, 'Ka tla ka ikenya mathateng ...' le supa boiketsi. Lokisa sebopeho sa leetsi dipolelong tse latelang ka ho le ngola ka tsela eo polelo ka nngwe e phethahatsang moelelo. Ngola karabo feela.
Mmanthintshane o hlile a (-bakela) mathata ka ho leka ho bolaya Petswamajweng. 
Ha e le Mosa yena o (-entse) ka ho se balehe le ha a bona kotsi eo e tla e mo tobile. 
Ngola dipolelo tse latelang temekisong ya tatolo/kganyetso.
Mahlo a a tsweretse sa tweba e jele tjhefu. 
O ne a halefa motsotso le motsotso ha a bona Mosa a ntse a fellwa ke matla. 
A ke o ipopele nyenyefatso ka lentswe 'moriti' mme o be o le sebedise polelong ya hao ho supa nyenyefatso. 
Polelo ena, 'Mmanthintshane a araba Petswamajweng ka ho re: 'E, Mosa o tla phela' ke puo e qotsitsweng ya sebui. Pheta se buuwang ke polelo e latelang ka ho e ngola puopehelong.
Petswamajweng, potlaka ka pele o ile ho bitsa ngaka Ngwepepe,' ho realo Mmanthintshane.
Qala polelo ya hao ka mantswe ana: Mmanthintshane a kopa...
Petswamajweng, potlaka kapele o ile ho bitsa ngaka Ngwepepe,' ho realo Mmanthintshane. 
Tlatseletsa dipolelwanakutu tse latelang ka ho ngola mefuta ya dipolelwana tseo o di bontshitsweng ka masakaneng:
Kgosokgoso o ne a shapile hoo ... (Polelwanatlhalosi ya mokgwa) 
Nehelana ka malatodi/diantonime tsa mantswe a ngotsweng ka botsho dipolelong tse latelang. Ngola karabo feela.
Batho bohle ba ne ba nahana hore ke bosiu ho ya ka moo ho neng ho le ka teng ka ntle. 
Eitse ha a fihla tlhorong ya thaba, a ka a dula fatshe pele. 
Dipolelong tse latelang ho na le tshebediso e fosahetseng ya mahokedi. Badisisa polelo ka nngwe e be o e ngola botjha o se o lokisitse phoso eo ntle le ho fetola moelelo wa yona. Sehella lehokedi leo le lokisitsweng mola.
E mong wa badisana bao ba neng ba alositse motebong letsatsing leo ba tseba hantle ka morero wa ho bolaya Petswamajweng. 
Mmanthintshane o fihlile ha Kgosokgoso le Mosa ba ntse ba kwebetellane fatshe moo motebong haufi le badisana, mme ba boha ntwa eo ho fihlela pheletsong. 
Lentswe lena 'kgolwa' le ka sebediswa dipolelong tse mmalwa tse totobatsang meelelo e fapaneng. Le sebedise polelong tse PEDI tse totobatsang meelelo eo e fapaneng.
kgolwa 
kgolwa 
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C: 30 MATSHWAO A PAMPIRI ENA YOHLE: 70
